Habo Khoho

Habo Khoho Contact information, map and directions, contact form, opening hours, services, ratings, photos, videos and announcements from Habo Khoho, Farmers market, LANFE, Pela KFC e holimo, Maseru.

"We are the Chicken Specialists"
We sell broiler chicks-Litsuonyana tsa nama
We sell broiler chickens-Likhoho tsa nama le likahare
We provide training and support- Re fana ka thupelo le ts'ehetso leruong la khoho ea nama

Bahlahisi ba Habo Khoho ba ntse ba tsoela pele ka special sane sa bona. Re rekisa nama ea khoho ka bongata, e hlahisitso...
29/05/2026

Bahlahisi ba Habo Khoho ba ntse ba tsoela pele ka special sane sa bona. Re rekisa nama ea khoho ka bongata, e hlahisitsoe ke Basotho. re bile re ka u sehela eona ra e etsa sechu.
Letsa/ Whatsapp 59370587.
Re fumaneha tlasa maponeseng a Pitso Ground, mo li 4+1 li emang. Pela Cool Bets.

Mariha a qalile, re se re bona ka ho theoha hoa demand ea litsuonyana le supply ea khoho. Ebe ha re sheba hantle na hona...
27/05/2026

Mariha a qalile, re se re bona ka ho theoha hoa demand ea litsuonyana le supply ea khoho. Ebe ha re sheba hantle na hona le ntho eo re ka thusoang ka eona ekaba ke 'Muso kapo bona batseteli h**e re ke re fetole maemo aa. Haeba ke libeso bothata, ha re bona ebe re ka thusoa joang ho hlola bothata bo?..................................................................
Litsuonyana tsa nama li ea fumaneha ka Moqebelo ona LANFE pela stop sa litaxi tsa Sefikeng opposite IEC offices.
Tsuonyana ke M14.00.
Letsa/ Whatsapp ho 58856418.

Thupelo Tuesday.📝 Na u boloka li rekoto (records) khoebong ea hau ea likhoho? ✅ Bohlokoa ba lirekoto tsa lichelete:• H**...
26/05/2026

Thupelo Tuesday.📝 Na u boloka li rekoto (records) khoebong ea hau ea likhoho?
✅ Bohlokoa ba lirekoto tsa lichelete:
• H**e u tsebe chelete e kenang le e tsoang
• H**e na khoebo e etsa phaello kapa tahlehelo
• Ho bona litšenyehelo tse jang chelete haholo
• H**e u ka rera joang bokamoso ba khoebo
✅ Rekoto tsa tlhaiso (production) li thusa ho tseba:
• Palo ea likhoho tse shoang
• Kholo ea likhoho
• Ts’ebeliso ea lijo tlhaisong
• Ts'ebetso ea leruo kaofela
✅ Rekoto tsa bophelo (health records) li thusa ho:
• Bona mafu kapele
• Latella ts’ebeliso ea meriana
• Fokotsa ho shoa
• Sireletsa tlhahiso ea hao
“Seo u sa se lekanyang, u ke ke ua khona ho se laola.”
Khoebo e atlehileng ea likhoho e qala ka poloko e ntle ea lirekoto. Ka hose li boloke u ka lahleheloa ke chelete ese hobane khoebo e sa tsamaee hantle, empa hobane ba sa boloke lirekoto hantle. Metsoalle ea rona ho hlaha Botswana Bantu Farmers ba re rometse mpho ena h**e re tlo ithuta mme le lona re le rute bohlokoa ba ho boloka libuka le lirekoto tsa tlhaiso ka mokhoa o nepahetseng.

Maobane ho thakhotsoe le ho hlahisa kapele ho sechaba sa Basotho ‘Mamekhatlo oa naha otlo shebana le litaba tse amanang ...
19/05/2026

Maobane ho thakhotsoe le ho hlahisa kapele ho sechaba sa Basotho ‘Mamekhatlo oa naha otlo shebana le litaba tse amanang le lihlahisoa tsohle tsa bo ‘malits’ibana. Ke mokhatlo o ngolisitsoeng ka molao. Lihoai tsa bo ‘malits’ibana ka bo-mong le ka mekhatlo ka ho fapana re khothaletsoa ho nka botho kahar'a mokhatlo ona.
Mokhatlo ona otla sebetsa o tsoarane ka matsoho le lekala la Ministry of Agriculture Food Security And Nutrition Lesotho le baamani ba bang ba akhang LSDP (Lesotho Suppliers Development Program) eo ka hare ho eona ho nang le Standard Lesotho Bank, LNDC, UNDP Lesotho le FinMark Trust ho bona ho holisa, ho ntlafatsa le ho akofisa tlhaiso ea khoho.
Mokhatlo ona o reretsoe ho tlaba ona mohokahanyi oa lihoai le ‘muso ka kotloloho. Liqeto tsohle tsa ‘muso ka litaba tsa bo ‘malits’ibana litla etsoa ka kopanelo le mokhatlo ona.
Liphuputso li bonts’itse h**e ka 2025 feela naha ea Lesotho e sebelisitse chelete e fetang 600million Maloti ho reka lihlaisoa tsa khoho ka mefuta ho South Africa. Naha ea Lesotho e khona feela ho hlahisa 5% ea tlhoko ea eona ea lihlaisoa tsa khoho, ebe 95% e reka linaheng tse kang South Africa le Eswatini.
Ho thehoa hoa LePIA ke omong mokhoa oa ho qala ho araba tlhokahalo eo e kholo ea tlhaiso, mme eona e tla araba enngoe ea tlhoko e kholo ka hare ho naha ea Lesotho e leng tlhaiso ea mosebetsi le li ‘maraka.
Ho fumana lintlha ka botlalo, le ho lula u le sehlohlolong sala morao leqhephe la Lesotho Poulty Industry Association-lepia.

Ka jeno Maseru ho thakhotsoe se mmuso Poultry Development Policy e tlo tsamaisa le ho tataisa khuliso ea tlhaiso ea khoh...
18/05/2026

Ka jeno Maseru ho thakhotsoe se mmuso Poultry Development Policy e tlo tsamaisa le ho tataisa khuliso ea tlhaiso ea khoho (ka mefuta eohle). Ho hlahisitsoe le 'mamokhatlo oa likhoho Lesotho Poulty Industry Association-lepia

18/05/2026

Ka jeno, Lesotho ho thakholoa ka molao Lesotho Poultry Policy le 'Mamekhatlo oa bo 'malits'ibana. Lesotho Poulty Industry Association-lepia

Litsuonyana li ea fumaneha, kenya order u li late hosane. Tsuonyana ke M14.00. U reka palo eou e hlokang.Letsa/ Whatsapp...
29/04/2026

Litsuonyana li ea fumaneha, kenya order u li late hosane.
Tsuonyana ke M14.00. U reka palo eou e hlokang.
Letsa/ Whatsapp 58856418 re u thuse.

29/04/2026

Shout out to my newest followers! Excited to have you onboard! Kedie Bonnie Madikomotana, Evelyn Matete Ramangoane, Rorisang Nephthaly Malehase, Thando Morema, Mpho Ramaema, Qirrat Khan, Matsepang Lesupi, Evangelist Mathendeleka, Skeleme SK Tumelo, Zabby Lefume, Haddie Leteka, Cash Mazer Ratty, Thaky Ramon, Makhetha Thato, Lote Biu Kaukiono, Mavis Mojaki, Tsepiso Lebitsa Matela, Mmaretshepile Phakane, Mpontseng Maboitumelo Ramotoai Tshepo, MphoGift Mohlodi, Annah Lekhooa, Yvonne Phethane, Dìžžý Ñďéķæh, Jennifer Lekote, Bmwy Nthako, Mmabohlokoa Lecheza, Katleho Moiloa, Ausy Tsedy Khatala, Hlokomelang Nthako, Rethabisitswe Precious, T Lekoa Francis, Ntt Milo Matholi, Maholas Mankhumo, Ditlhare Kholokholo, Julia Rakhongoana, Wa Tshidy, Maka Rabo, Notsi Tsemase Marethabile, Mamahowana Mahase

25/04/2026

Saturday collections.

Address

LANFE, Pela KFC E Holimo
Maseru

Opening Hours

Monday 09:00 - 17:00
Tuesday 09:00 - 17:00
Wednesday 09:00 - 17:00
Thursday 09:00 - 17:00
Friday 09:00 - 17:00
Saturday 09:00 - 17:00

Telephone

+26658856418

Website

Alerts

Be the first to know and let us send you an email when Habo Khoho posts news and promotions. Your email address will not be used for any other purpose, and you can unsubscribe at any time.

Share

Category