27/10/2026
Lipapali tsohle tsa Dr Mahali Phamotse B Division League tsa Zone 1, tse sa bapaloang ka Sontaha sa la 25 Mphalane 2026, ka lebaka la bosieo ba mabala, li tla tsoelapele ka Moqebelo, o'o re eang re u lebile oa la 31 Mphalane 2026. Lipapali tse joalo, ke tsena;
1. Mafeteng Stars VS FC Tokyo, Maphathe, 10:00.
2. AC TIP VS Young Tigers, Maphathe, 12:00.
3. Tsibane VS Real Touch, Motsarapane, 13:00.
Lebaka la h**e papali ena ea pele lebaleng la Maphathe e qale ka 10:00, ke hobane ka 15:00, ho na le papali lebaleng le ts'oanang la Maphathe ea Mafeteng Woman League, 'me morero ke h**e e se amehe.
*Tlhokomeliso; lipapali tsa Dr Mahali Phamotse B Division League, tsa Zone 1, tse bapaloang ka Sontaha sa la 1 Phuptjane, le tsona li tla itsoellapele ka thello, ha li tlo ameha.*